PARAMENTE E EMA KHAHLANONG LE LENYALO LA BANA BA TLASE LILEMONG

Ho bile le puisano lipakeng tsa litho tsa paramente ea Lesotho ‘moho le litho tsa Senate, ka tšebelisano-mmoho le makala le mekhatlo e amehang litabeng tsa bophelo bo botle le litokelo mabapi le thobalano le ho pepa. Puisano ena e neng e kenyelletsa lekala la Ntlafatso ea Sechaba, Bohahlauli, Tikoloho le Bochaba le lekala la Bacha, Lipapali le Boithapollo, e bile sethala sa ho tšetšetha linthla-kholo tse akhang tlhekefetso ea basali le bana, lenyalo la bana ba tlase lilemong le kamano e teng lipakeng tsa lintlha tsena.

KA: MOSA MOJONOTHOANE

Motlatsi oa phala ea Kopano ea Naha (National Assembly, NA) Monghali Teboho Lehloenya, o re paramente e entse litumellano le ‘Moka oa Paramente ea SADC (Southern African Development Community Parliamentary Forum, SADC-PF) ho fetisa moralo oa bophelo bo botle le litokelo mabapi le thobalano le ho pepa. Sepheo sa mantlha sa moralo ona ke ho matlafatsa tšebelisano-mmoho ea litho tsa ‘Moka oa Paramente ea SADC linaheng ka ho fapana, ho ntlafatsa melao le meralo molemong oa tšebetso e nang le ponaletso.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *