Le lomolo la ngoana Mosotho

Maele a Sesotho a re thupa e otlolloa e sale metsi hoba hae se e omme e ka tšoana ea robeha. Sena se hlalosa hore ho bobebe ho lokisa lintho li sa le nyane hofeta ha li se li le kholo li tiile. Basotho ba khale ba ne ba sa itheke moroalo tabeng ena ka mekhoa le meetlo e ’maloa, kajeno re tlo bua ka e’ngoe ea tsona e leng lelomolo la ngoana oa Mosotho. KA: LIAPENG RALIENGOANE
Ngaka Palesa Khotso (‘M’e ‘Mabohlokoa Khanyetsi) ele setsebihali sa litaba tsa moetlo, lipuo
le lingoloa tsa Se-Afrika Sekolong se Seholo sa Sechaba(National University of Lesotho), lekaleng la lipuo le lingoloa tsa Se-Afrika o re thusa ho utloisisa likateng tsa lelomolo esere mohlaope ra aha serobe phiri e se e jele. Hang ha lesea le fihla lefatšeng, pele le ka anya lebese la ’ma, lea lomoloa. Motho a ka botsa hore na lelomolo keng? Lelomolo, ho ea ka Basotho ba masoetso, ke ho fetisetsa mekhoa le boitšoaro bo botle, bo ahang kahar’a sechaba ho tloha ho motho e moholo, ea nang le makhabane ho ea ho lesea.
Tlhaloso eo ea lelomolo e re bula molomo hore re ka thatoloha ka lelomolo. Lelomolo la pele ke la motoho. Lelapa le khetha mosali ea mekhoa e metle: mosali ea itlhomphang, a hlomphang monna oa hae, leloko le sechaba ka kakaretso.Mosali ea makhethe lipuong le metsamaong. Mosali eo ea mekhoa e metle, o tšoella mathe kahar’a motoho, a fuluhe e be o fa lesea motoho ele hore le tle le futse mekhoa e metle.Ha se fela taba ea lefutso, lelomolo lena lethusa ho ntša limpe tseo lesea le fihlang le tsona pele le ka anya lebese la ’ma lona. Lelomolo lena le qobisa lesea ho ba le tšilana. Tsilana e ka sitisa hore lesea leanye hantle ’me le hole le khathatsoe ke bohloko ba ka mpeng. Lelomolo lena le lateloa ke lelomolo ka pula.