LIQHOLOTSO TSEO BAKHACHANE BA METSENG BA TOBANENG LE TSONA

Tebello ea lesea ke nako e hlokolosi ho
motho oa moimana kaha a lebelletse
setho kapa litho tse ncha tsa lelapa . Hangata ha se tsela e bang bobebe ho
bakhachane ba metseng. Mona re tla hlahloba liqholotso tseo bakhachane ba
lulang metseng ba tobanang le tsona.
KA: MARIKI MOHALE
Joalo ka ha ele tloaelo ho bakhachane ba lebeletseng masea ho tsamaea lithupelo litsing tsa
bophelo , ho tloha hang ha ba fumana hore ba lebelletse, ho fihlela masea a bona a fihla. Puisanong ea rona le ‘Mareitumetse Rankau oa Pitseng, Ha Koranta, Leribe o hlalosa liqholotso tseo a kopaneng le tsona nakong ea hae ea boimana.
‘Mareitumetse o hlalosa ha qholotso eo a ileng a tobana le eona e le ho lula hole le mebila le setsi sa bophelo. O bontša ha a ne a fihla morao ho nako lithupelong hobane o ne a tlameha ho tsamaea lihora tse ‘ne pele a ka a fihla setsing sa kokelo ka lebaka la tlhokahalo ea tsela. Ebile o bontša ha bakhachane ba bang ba ena le lesisitheho la ho tsamaea tsela eo e telele, ke mona moo ba bang ba e ba qetelle ba pepetse hae. Ka nako ea lipula,Rankau o ne a e ba le bothata ba ho khathatsoa ke sefuba ha a ile a koloba, ebe o tla hatsela.
“Tšita e kholo ke ea bakhachane le batsoetse ba nkoang ke linoka ka nako eo lipula li nang ka sekhahla kaha re li ts’ela ha re ea le ha re khutla litsing tsa bophelo,” ’Mareitumetse a meketsa.