U MANG?


Ho itseba ke e ‘ngoe ea litšia tsa bohlokoa ho Basotho. Kajeno re tlil’o phura leshoetla ka liboko tsa Basotho, tlhophiso ea tsona le bohlokoa ba tsona. Ruri, Mosotho oa pele o ne a opile khomo lenaka ha a re ha u sa tsebe moo u tsoang teng u keke oa tseba moo u eang teng.

Ngaka Ketlalemang Maimane e le setsebi sa litaba tsa moetlo, puo le lingoloa tsa Sesotho Sekolong se Seholo sa Sechaba (Na􀆟 onal University of Lesotho), Lekaleng la lipuo le lingoloa tsa Se-Afrika, o re thusa ho manolla taba ea liboko ele hore motho a itsebe etsoe ho se tsebe ke lebote. Seboko ke mofuta oa thoko, ke boipolelo ba hore na motho ke mang o tsoa kae, ‘me ea ipolelelang o ikana ka phoofolo, le hore na litloaelo tsa habo ke life.

TLHOPHISO EA LIBOKO

Ho ea ka Ellernberger liboko tsena kaofela li leshome le metso e meraro (13): Bafokeng, Bataung, Bakoena, Barolong, Bapeli, Makholokoe, Maphuthing, Batlokoa, Basia, Maphetla, Mapolane, Baphuthing le Batšoeneng.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *